Wikipedia:Bushra Razack

(Redirected from Ho ngola leqephe le lecha)

Bushra Razack fetola

 
Bushra Razack

Bushra Razack ke setsebi sa ntshetsopele ya setjhaba sa Afrika Borwa mme hape eboetse ele moemedi wa phetoho le thuso ya botho e ikgethileng ka ho buisana le bankakarolo. O hlahetse porofinseng ya Kapa Bophirimela, Afrika Borwa mme a kena sekolo se phahameng Ladysmith, Kwazulu-Natala moo a ileng a etsa sehlopha sa leshome ka 2003.

Tsa kgolong ya hae fetola

 
Philippi Village

Bushra o hotse le bana ba bang ba 70 lehaeng la dikgutsana mme ho tloha bonyenyaneng o ile a ithuta bohlokwa ba ho kgutlisa kapa hona ho nehela. Ke sengodi- mmoho sa  buka e bitswang, 'Rescue Mission', eo eneng ele enngwe ya dibuka tsa tlhahlobo ya batjha ya  Dipakane tsa Ntshetso-pele tsa Millennium tsa Matjhaba a Kopaneng tse hlahisitsweng Sebokeng sa Lefatshe sa Ntshetso-pele ya Moshwelella [1], motsemoholo Johannesburg, Afrika Borwa. Mosebetsi wa hae le Peace Child , mokgatlo wa diphallelo o sebetsang ho matlafatsa batjha ka tswelopele[2] e etelletsweng pele ke batjha le ho fokotsa bofuma, o ile wa mo isa dinaheng tse kang Morocco, Egepeta, Serbia, India, Canada le Scotland nakong eo a ntse a le sekolong. Ka mora dithuto tsa hae o ile a qeta dilemo tse tharo a ntse a etsa maano a ho fana ka ditshebeletso bakeng sa dipetlele tsa tlhokomelo ya mahlo Kenya le Cameroon . Phihlelo ya hae lefapheng la ntshetso e kenyelletsa ho sebetsa le Standard Chartered Bank le morero wa bona WA lefatshe wa Seeing is Believing, CBM, UNOCHA (Ofisi Ya Matjhaba a Kopaneng bakeng sa Kgokahanyo ya Merero ya Botho), le Right to Sight International (Tshebedisano pakeng tsa Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo le Mokgatlo wa Matjhaba) wa Thibelo ya Bofofu. Bushra o fumana kgothatso ho tswa setjhabeng seo a sebetsang le sona tulong tse kang Mitchells Plain, Cape Flats le Philippi profinseng ea Kapa Bophirima Afrika Borwa .Ha jwale ke CEO ya Philippi Village e fumanwang Philippi [3], e leng setsi sa tse hlahisang mesebetsi le ho phahamisa ditho tsa setjhaba sa lehae, ha ka nako e tshwanang e boetse ele sebaka se phetheselang le se bolokehileng bakeng sa dipuisano tsa setjhaba ka kgwebo , bonono, setso le bohlophisi ba mananeo a thuto [4]

Dikgau le Diphihlello fetola

Ka selemo sa 2017 Bushra o ile a kgethwa ke Mail & Guardian e le e mong wa Batjha ba 200 ba hlwahlwa ba Afrika Borwa [5]

Ka 2018 e bile mohapi wa kgau ya Power Woman of the Year sehlopheng sa Boqapi

Ditshupiso fetola

  1. [1]
  2. https://www.biznews.com/good-hope-project/2023/03/08/tech-alone-cannot-create-successful-townships-philippi
  3. [2]
  4. [3]
  5. [4]