Feberu ya Zika (e tsejwang hape ele bolwetse ba vaerase ya Zika) ke bolwetse bo bakwang ke vaerase ya Zika.[1]Boholong ba nako ha ho na matshwao a ho kula, empa ha a le teng a ba bobebe mme a kanna a tshwana le feberu ya dengue.[1][2]Matshwao a ho kula a ka kenyeletsa feberu, ho tlerefala ha mahlo, manonyeletso a bohloko, hloho e opang, le lekgopo.[1][3][4]Matshwao a ho kula ka kakaretso a ba teng nako e ka tlase ho matstsi a supileng. [3]Ha ho so be le tlaleho efe kapa efe ya lefu nakong ya tshwaetso ya pele.[2]Tshwaetso e amahantswe le sehlopha sa matshwao a ho kula a hlahang mmoho a Guillain–Barré (GBS).[2]

Feberu ya Zika
Tlhophiso le mehlaodi ya kantle
Lekgopho nakong ya tshwaetso ya feberu ya Zika
Lekgopho nakong ya tshwaetso ya feberu ya Zika
Lekgopho nakong ya tshwaetso ya feberu ya Zika
ICD/CIM-10U06.9, code change from 21 December 2015 U06.9, code change from 21 December 2015
ICD/CIM-9066.3 066.3
DiseasesDB36480
MedlinePlus007666
MeSHD000071243

Feberu ya Zika e atiswa haholoholo ke ho longwa ke menwang ya mofuta wa Aedes.[3]Hape e kanna ya ba ho fetiswa ka thobalano ho tloha ho monna ho ya ho balekane ba hae ba thobalano mme e na le kgoneho ya ho atiswa ke phumantsho ya madi.[5][3] Tshwaetso basading ba immeng e kanna ya tshwaetsa le ngwana mme e amahantshwa le ho senyehelwa le ho se itekanele kelellong ha bana[[]].[1][6] Tlhahlobo ya ho kula e etswa ka teko mading, morotong, kapa matheng bakeng sa boteng ba vaerase ya Zika RNA ha motho a kula.[1][3]

Thibelo e kenyeletsa phokotso ya ho longwa ke menwang dibakeng tseo bolwetse bo hlahang teng le ho sebedisa dikhondomo ka tsela e napahetseng.[3][5] Malebaleba a ho thibela ho longwa a kenyeletsa le tshebediso ya sephokadikokonyana, ho kwahela mmele ohle ka diaparo, dinete tsa monwang, le ho kata diqanthane tseo menwang e behelang ho tsona.[1] Ha ho ente e phethahetseng.[3] Bahlanka ba bophelo bo botle ba kgothaleditse hore basadi ba dibakeng tse anngweng ke sewa sa Zika ka 2015-16 ba nahane ho emisa ka ho ima le hore basadi ba immeng ba se etele dibaka tsena. [3][7] Leha ho so be le kalafo e ikgethang, paracetamol (acetaminophen) di ka nna tsa thusa ka matshwao a ho kula.[3] Ho amohelwa sepetlele ha se ka dinako tsohle ho hlokahalang.[2]

Vaerase e bakang bolwetse bona e ile ya fumanwa ka 1947.[8] Sewa sa pele bathong se ngotsweng se bile ka 2007 Dinaheng tsa Kopaneng tsa Micronesia.[3] Template:Ho tloha ka, bolwetse bo hlahile mabatoweng a mashome a mabedi a Amerika Leboya le Amerika Borwa.[3] Hape bo tsebahala ka ho iponahatsa Afrika, Asia le Phasifiki.[1] Ka lebaka la sewa se qadileng Brazil ka 2015, Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle o ile wa phatlalatsa Ngongoreho ya Matjhaba ya Tshohanyetso ya Bophelo bo Botle ba Setjhaba ka Hlakola 2016.[9]

Ditshupu fetola

  1. 1.0 1.1 1.2 1.3 1.4 1.5 1.6 "Zika virus". World Health Organization. January 2016. Retrieved 3 February 2016. 
  2. 2.0 2.1 2.2 2.3 "Factsheet for health professionals". Zika virus infection. European Centre for Disease Prevention and Control. Retrieved 22 December 2015. 
  3. 3.00 3.01 3.02 3.03 3.04 3.05 3.06 3.07 3.08 3.09 3.10 Chen, Lin H.; Hamer, Davidson H. (2016). "Zika Virus: Rapid Spread in the Western Hemisphere". Annals of Internal Medicine. ISSN 0003-4819. doi:10.7326/M16-0150. Archived from the original on 2016-02-03. Retrieved 2016-06-16. 
  4. Musso, D.; Nilles, E.J.; Cao-Lormeau, V.-M. (2014). "Rapid spread of emerging Zika virus in the Pacific area". Clinical Microbiology and Infection 20 (10): O595–6. PMID 24909208. doi:10.1111/1469-0691.12707. 
  5. 5.0 5.1 Oster, Alexandra M.; Russell, Kate; Stryker, Jo Ellen; Friedman, Allison; Kachur, Rachel E.; Petersen, Emily E.; Jamieson, Denise J.; Cohn, Amanda C. et al. (1 April 2016). "Update: Interim Guidance for Prevention of Sexual Transmission of Zika Virus — United States, 2016". MMWR. Morbidity and Mortality Weekly Report 65 (12): 323–325. PMID 27032078. doi:10.15585/mmwr.mm6512e3. 
  6. Chan, Jasper F.W.; Choi, Garnet K.Y.; Yip, Cyril C.Y. et al. (2016). "Zika fever and congenital Zika syndrome: An unexpected emerging arboviral disease". Journal of Infection. ISSN 0163-4453. PMID 26940504. doi:10.1016/j.jinf.2016.02.011. 
  7. "Brazil warns against pregnancy due to spreading virus". CNN. 24 December 2015. Retrieved 24 December 2015. 
  8. Olson, Ken E.; Haddow, Andrew D.; Schuh, Amy J. et al. (2012). "Genetic Characterization of Zika Virus Strains: Geographic Expansion of the Asian Lineage". PLoS Neglected Tropical Diseases 6 (2): e1477. ISSN 1935-2735. PMC 3289602. PMID 22389730. doi:10.1371/journal.pntd.0001477. 
  9. "WHO Director-General summarizes the outcome of the Emergency Committee regarding clusters of microcephaly and Guillain-Barré syndrome". Media Centre. World Health Organization. 1 February 2016. Retrieved 3 February 2016.