Yunivesithi e Bohareng ya Thekenoloji, Freistata

 

Yunivesithi e Bohareng ya Thekenoloji, Freistata (CUT), ke yunivesithi ya setjhaba e nang le dikhamphase Bloemfontein le Welkom.

E thehilwe ka 1981 e le "Technikon Free State". E bile karolo ya mehato ya mmuso ya ho hlophisa thuto e phahameng dilemong tsa sekete sa jwale, kahoo e ile ya fuwa boemo ba yunivesithi.

Ha jwale, ke setho sa BRICS Universities League, setheo se kopantseng diyunivesithi tse itlhommeng pele ka diphuputso Brazil, India, China le Afrika Borwa.

Sediba sa Yunivesithi e Bohareng ya Thekenoloji
Sediba sa Yunivesithi e Bohareng ya Thekenoloji

Dikhamphase

fetola

CUT e na le dikhamphase tse pedi, e Bloemfontein - motsemoholo wa molaotheo wa Afrika Borwa, le e Welkom, e bokanetsweng ke merafo ya kgauta. Dikhamphase di le pedi di fana ka thuto ya makala a fapaneneng a thekenoloji, jwalo ka dithuto tsa saense, thekenoloji, enjenering le dipalo, bolaodi, botho le tsa borupelli.

Dithuto

fetola

Yunivesithi e Bohareng e na le makala a mane a thuto a kenyeletsang basebetsi ba fetang 800 ba rupellang le ba fuputsang. [1]

Makala a thuto[2]

fetola
  • Lekala la Boenjiniere, Tikoloho e Ahilweng le Theknoloji ya Tlhahisoleseding
  • Lekala la Bophelo le Tikoloho
     
    CUT Humanities graduates
  • Lekala la Botsebi ba Botho
  • Lekala la Bolaodi. [1]

Ngodiso ya baithuti

fetola

Yunivesithi e na le makala a mane ditsheng tsa yona, Lekala la Bophelo le Tikoloho; Lekala la Botsebi ba Botho; Lekala la Boenjiniere, Tikoloho e Ahilweng le Theknoloji ya Tlhahisoleseding; le Lekala la Bolaodi. E fana ka mangolo a thuto ho tloha ho diploma ho isa ho la bongaka.

Mohlodi

fetola
  1. 1.0 1.1 http://www.sarua.org/?q=uni_Central%20University%20of%20Technology Central University of Technology Retrieved 31 December 2011
  2. https://www.cut.ac.za/faculty