Mmino wa Afrika Borwa

Ho sibollwa ha kgauta, ditaemane le diminerale tse ding Afrika Borwa nakong ya bo-1800 le bo-1900 ho ile ha lebisa ho tswelo-pele e potlakileng ya ditoropo moo matswalloa a neng a tla tloha metseng ya bona mme a fallele ditoropong e le hore ba ka sebetsa merafong ho iphelisa. Leha ho le jwalo, ka lebaka la Natives Land Act, 1913, batho ba batsho ba ne ba sa dumellwa ho ba le thepa mahaeng esita le ditoropong, mme se na se lebisitse dibakeng tsa baipehi (ka nako eo, ditoropo di ne di eso be teng kaha di thehilwe nakong ya Kgethollo (Apartheid) e qalileng ka 1948) moo ba neng ba ka dula teng[1].

Dibakeng tsena tsa baipehi, ho ne ho thehwa matlo a thitelo le hoja a ne a sa dumellwe ke molao. Matlo a na a thitelo tsena a ne a fana ka bophelo ba bosiu ho batho ba dulang dibakeng tsena tsa baiphehi ho akarelletsa le basebetsi ba merafong. Ka nako eo, jazz e ne e le mokgwa o ratwang ka ho fetisisa wa mmino dibakeng tsa ditoropo tsa Afrika Borwa, haholo-holo dibakeng tsena. Kahoo, jazz e ile ya kopanngwa le mmino wa setso wa Afrika ho etsa mofuta o motjha wa mino o bitswang "Marabi". Qetellong ya bo-1920, mmino wa Marabi o ne o tumme haholo hara batho ba baholo, empa o ne o boetse o na le botumo bo ditshila. Ba rekisang dithethefatsi, dinokwane le botekatse hangata ba amahanngwa le mmino wa marabi mme marabi, eo e neng e se e ntse e nyedisitsoe ke Maafrika a Borwa a Mosweu, e ne e se e sa amohelwe ke dihlopha tse rutehileng tsa batho ba Batsho ba Maafrika a borwa. Ho sa tsotellehe, se na se ile sa tswela pele ho atleha ditoropong tse haufi le Johannesburg le metseng e meng e meholo.[2]

  1. https://www.africanmusiclibrary.org/genre/Marabi
  2. https://southafrica.co.za/marabi.html