Lebollo la banana
Lebollo la banana ke mosebetsi wa setso wa Basotho ho fetola banana ho ba basadi. Mosebetsi ona o ntse o etswa diporofenseng tsa Aforika Borwa tse kang Free State, Mpumalanga, Eastern Cape le KwaZulu Natal. Mosebetsi wa phetolo wa Basotho, ho fapana le mekgwa e meng ya Aforika, ha o kenyelletse mekgwa e tlosang dikarolo tsa ditho tsa botshehadi tsa basadi. Le ha ho le jwalo, malwebe a ka hare a atolloswa ho ba malelele ka ho sarollwa e le hore mosadi a natefelwe ke thobalano. Dibakeng tseo ho tsona ho bolla ho ntseng ho nkwa ho le bohlokwa, batho ba setjhaba ba soma banana ba sa bollang.[1]
Bana ba Aforika Borwa ba qobellwa ke molaotheo wa naha hore ba kene sekolo. Ke ka lebaka lena dikolo tsa ho bolla tsa banana di bulwa ha bedi ka selemo, ka Phuptjane le ka Tshitwe, e le hore ba kgonang ho ya ka Phuptjane ba ye mme ba sa kgoneng ka lebaka la sekolo kapa mabaka a mang ba ye ka Tshitwe ho thusa ho boloka setso se tswella.[2]
Sebaka
fetolaHo bolla hangata ho etsahala dibakeng tsa mahaeng moo Basotho ba ntseng ba latela setso. Ho etsahala mapolasing le metsaneng e menyane moo disebediswa le tikoloho di thusang ho theha maemo a ho bolla. Dibaka tseo ho tsona banana ba ntseng ba bolla ka bongata di kenyelletsa <b>Ficksburg</b> le <b>Clocolan</b> porofenseng ya Free State hammoho le Butha-Buthe le Mphosong naheng ya Lesotho. Ho sarollwa ha malwebe ha ho etswe dipetlele kapa ditliliniking kaha ha ho hlokehe tsebo ya bongaka. [3]
Nako ya ho bolla
fetolaDikolo tsa Basotho tsa ho bolla ha basadi di reretswe ho tsamaisana le ho hlaha ha <b>kgwedi e felletseng</b>. Kgwedi e felletseng ho Basotho e bontsha kgahleho ya thobalano ho batho ba bomme le bokgoni ba ho beleha bana. Ho boetse ho nahanwa ka dihla tsa selemo le maemo a loketseng. Dikolo tse ding di nka karolo ka kgwedi ya Mphalane, le ha ho le jwalo, tse ngata di nka karolo ka kgwedi ya Tshitwe hobane sena se dumella bana ho ya nakong ya matsatsi a bona a phomolo a dikolo tsa thuto.
Dilemo
fetolaBonyane ba dilemo tseo ngwanana a ka yang lebollong ka tsona ke dilemo tse 12. Dilemo tsa ho ya lebollong di tloha ho dilemo tse 12 ho ya ho tse 20, le ha ho le jwalo, dilemo tse kgothalletswang haholo ke tse pakeng tsa dilemo tse 15 le tse 18. Ketsahalo ya ho qala ya ho ya matsatsing ha ngwanana, eo ka Senyesemane e bitswang 'menarche,' e nkwa e le pontsho e ntle ya hore jwale ke nako ya hore ngwanana a ye lebollong. Le hoja ho fihla dilemong tsa botjha e le pontsho e ntle ya hore jwale ke nako ya hore ngwanana a ye lebollong, empa ha se tlhokahalo e ka sehloohong.
Mesebetsi/Dikarolo
fetolaHo hlokahala ngaka ya setso ya mosadi bakeng sa ho bolla. Ngaka ya setso e batlwa ha ho ntse ho lokisetswa lebollo. Ho dumelwa hore ngaka ena e na le kutlwisiso e hlakileng ya matla a tlhaho le kamoo a sebetsang ka teng lefatsheng. Mesebetsi e qala hang ha ngaka e fihla. Ka dinako tse ding, dingaka tse ding tsa setso tsa moo di koptjwa ho ba teng tshebetsong ena, leha ho le joalo, ho ba teng ha tsona ha ho hlokahale.
Monga wa mophato o kgothalletsa lebollo ke ka hona e leng 'monga' sekolo. Hangata beng ba mephato ba nehela maphelo a bona ohle ho thusa dikolo tsa ho bolla mme ba batla ho tseba ho feta ka moo ba tsebang ka teng, ba na le dilemo tse ngata tsa phihlello. Monga wa mophato o ikarabella ho ho fana ka dijo ho ba bollang le mesuwe, sena se kenyelletsa ho hlaba diphoofolo bakeng sa mekete. Hape ke boikarabello ba monga wa mophato ho fumana ngaka ya setso e hlomphehang. Beng ba mephato ba tsebahala ka mesebetsi ya bona mme hangata ba koptjwa hore ba bule mabollo. Ba fumana moputso ka mokgwa wa nama le tjhelete. Mosuwe o ikarabella ho ho hlokomela le ho kwetlisa ba bollang nakong ena ya ho bolla. Ba boetse ba ikarabella ho ho ruta ba bollang boitshwaro.[4]
Molao
fetolaMolao wa Dikolo tsa ho Bolla wa Bophelo bo Botle porofenseng ya Free State wa selemo sa 2004 (molao wa 1 wa 2004) o bolela ditekanyetso le melawana e hlokahalang bakeng sa ho tsamaisa dikolo tsa ho bolla. E nngwe ya ditlhokahalo e kenyelletsa tumello e hlakileng e ngotsweng ya ho tsamaisa sekolo sa ho bolla le hore ba bollang ba hlokomelwe ke Ofisiri ya Bongaka ya Setereke seo lebollo le leng ho sona. Ditlhoko tse ding di kenyelletsa tumello e ngotsweng ya ba fetang dilemo tse 18 le tumello ya batswadi bakeng sa ba ka tlaase ho dilemo tse 18, tlaleho e hlwekileng ya bophelo bo botle e entsweng ke mooki wa tlhokomelo ya bophelo bo botle bo phahameng kapa setsebi sa bongaka. Ofisiri ya Tikoloho ya setereke, e kgethilweng ke Setho sa Komiti e Kgolo (MEC), e hlahloba dikolo tsa ho bolla ho netefatsa hore ho na le phepelo e lekaneng ya metsi, ho bona hore dijo di lokiswa sebakeng se hlwekileng hammoho le ho bona hore ho na le disebediswa tse lekaneng (haeba ho tloswa ha letlalo la botona kapa botshehadi bo etswa ka letsoho). Sekolo sa ho bolla ha se tshwarwe nako e fetang dikgwedi tse 2 mme ba bollang ha ba lokela ho hlekefetswa.[5]
Ho bolla
fetolaHo bolla ho kenyelletsa meetlo kapa mekete e thusang motho hore a be boemong bo itseng setjhabeng. Merero ya mekete ena ke ho phatlalatsa hore ditho tsa botshehadi di se di hodile hammoho le phetoho ya boemo setjhabeng bo fetohelang ho ho ba 'mosadi'. Hangata ho bolla ha banana ho amana le ho kena dilemong tsa botjha ho tsamaellanang le ho qala ha ngwanana ho ya matsatsing. Batswadi ba bapala karolo ya bohlokwa tshebetsong ya ho bolla ya ngwanana ka ho mo ruta ho itshwara jwalo ka mosadi le ditsela tsa ho ntlafatsa phihlello ya thobalano lenyalong. Ho bolla ha banana ba Basotho ho etsahala haholo setjhabeng seo ho sona ho nyalwang sethepu, kahoo, batswadi ba kenyelletsa malapa a fapaneng a thusang ho theha bonngwe pakeng tsa basadi bohle ba lelapa. Le ha ho le jwalo, ho bolla ha basali ho ka boela ha etsahala moo ho busang motho wa mme kapa bomme, kapa moo banyalani ba batjha ba phelang haufi le batswadi.
Metseng eo basadi ba nang le tshusumetso e kgolo ho boiphediso ba setjhaba ba tlwaetse ho ba le mekete ya ho bolla e le hore ba rute banana hammoho le setjhaba hore banana bana ba ka kgona ho phethahatsa dintho tse ba tlammeng. Ho tlatselletse moo, mekete ena e hatella bohlokwa ba karolo eo basadi ba e bapalang setjhabeng. Malapa a kgothalletsa ho qala ho bolla ho tloha dilemong tse tlaase, hape banana ba banyane hangata ba bona ditho tsa lelapa le banana ba tswang metseng e meng ba ya mabollong.
Tshebetso ya ho bolla e kenyelletsa banana ba Basotho ba fetohang mekgahlelong e fapaneng."Phepa" ke mobu o mosweu o sebediswang ke banana mmeleng ya bona mme "Pilo" ke mobu o motsho o sebediswa ho tshasa sefahleho ho kgetholla meloko e fapaneng. Meloko ena e kenyelletsa Bataung, Bahlakwana, Bakwena, Bafokeng, Basiya le Baphuthing. Ba bollang ba tseba hore na ke mofuta o feng wa mobu o sebediswang melokong e fapaneng.[3]
Ho sarollwa ha malwebe
fetolaBanana ba rutwa ho itsharolla malwebe. Malwebe a atolloswa ka ho sidilwa le ho sarollwa ho tloha hodimo ho ya tlaase ho sebediswa dipento tsa menwana le monwana wa bone. Ditlama tse fapaneng di a dilwa ebe di fetolwa setlolo e le hore di fokotse bohloko. Ho dumelwa hore ditlama tsena di nolofatsa le ho tlotsa malwebe ho fokotsa ho ruruha ha letlalo. Ho sarollwa ha malebe ho basadi ba Basotho ha ho tlole ditokelo tsa basadi kaha ha ho na tlhekefetso e etsahalang, ntle le haeba mosadi a sa jwetse se etswang lebollong. Banana ba Basotho ba bollang ba thusana ho sarolla malwebe mme ka hona ba kgona ho hlodisana ka hore na ke mang ya nang le malwebe a malelele ka ho fetisisa. Banana bana ba bolellwa hore ho sarolla malwebe ho eketsa hore banna ba bona ba nako e tlang ba natefelwe ke thobalano le hore ho sarolla malwebe ho eketsa menyetla ya mosadi ya ho kena lenyalong. Ka dinako tse ding ba bollang ba bolela hore ho bohloko empa ba bang ba natefelwa ke tshebetso ena. Banana ba bangata ba boetse ba dumela hore haeba ba sa sarolle malwebe a bona, ba ka ba le mathata a ho beleha. Ka lebaka la hore ka dinako tse ding ho ba le ho hlodisana ha ho sarolla malwebe, banana ba bang ba nka mehato e kotsi ya ho sarolla malwebe. Banana ba bang ba tlama mohala malwebeng a bona mme ba kenye lejwe le lenyane ho ba thusa ho hula malwebe a bona, ha ba bang ba sebedisa ditlama tse fosahetseng tse bakang lekgopo. Mekgwa ena e meng e mengata e etswa ntle le tlhokomelo ya dingaka tsa setso. Banana ba bang le mathata ba iswa dipetlele/ditliliniking.
Mathata a ka nnang a hlaha a kenyelletsa ho hlohlona, ho ruruha, meokgo e menyane le bohloko. [6]
Basadii ba Basotho ba ileng ba eketswa bo tshehadi ba bona ha ba kgone ho tiisa hore ho eketswa hona ho thusitse tshebetsong ya ho beleha bana kaha ba bangata ba ikutlwa ba na le phihlello e tshwanang le ya basadi ba sa kang ba eketswa botshehadi ba bona. Basadi ba na ba tlaleha ka banna ba bona ba nang le dikamano tsa thobalano le basadi ba sa kang ba eketswa botshehadi mme ka hona ha ba na bonnete ba hore ho eketswa botshehadi ho natefisa thobalano. [7][8]
Moaparo wa ho bolla
fetolaDiaparo tse aparwang ha ho bollwa di hloka tlhokomelo e ngata. Nako ya ho lokisetsa banana ba Basotho naheng ya Lesotho e ka ba telele empa, porofenseng ya Free State, ho lokisetsa ho ka etswa ka letsatsi le le leng. Ngwanana o fuwa kobo ya letlalo la nku ke malome kapa moemedi e mong wa ntate ho tswa ka lehlakoreng la leloko la mme wa hae. Ka letsatsi la pele, banana ba tlwaetse ho apara mese ya kgale le kobo ya kgale e lerootho. Nakwana ka morao ho moo, diaparo tseo di a lahlwa ebe ba apeswa seaparo sa letlalo la kgomo kapa la nku. Ngwanana o boetse o fuwa lesira hammoho le jwang kapa lehlaka le holang mabopong a noka le bitswang 'dikgolokwane' hore a le apare lethekeng. Banana bana ba boetse ba rwala difaha tsa letsopa tse entsweng ka matsoho. Ngwanana ha a qeta lebollong o tsamaya a apere seaparo se setle sa letlalo la kgomo, difaha, mekgabiso, dikobo tse ntjha, dithaole tse mebalabala mme ba itshasitse ka letsopa le mmala o mo kgubedu.
Ba bollang
fetolaBanana ba bollang ba hlophiswa ho ya ka boemo bo phahameng ho ya ho bo tlaase. Boemo bo ka sehloohong bo bitswa 'Molobe' bo latelwe ke 'Molobenyana' kapa 'Lelate' mme boemo bo ka tlaase bo bitswa 'Senkoyhi', Le ha ho le jwalo, tsamaiso ena ya maemo ha e sebediswe ka mehla mme tshebediso ya yona e itshetlehile ka sebaka sa ho bolla. Ngwanana ya bollang a ka ya lebollong le e mong wa banana ba leloko la ha bo ho kenyelletsa dikgaitsedi, dikgaitsedi tsa ntate tse nyane ho yena, dikgaitsedi tsa mme tse nyane ho yena kapa batjhana. A ka se ye lebollong ka nako e tshwanang le ya mme wa hae, kgaitsedi ya moholo wa mme wa hae kapa nkgono wa hae. Haeba ba leloko ba le sekolong se le seng sa ho bolla, ke molao ho beha molamu terateng moo ho ke nwang le teng. Ba leloko ba tshwanela ho kena le ho tswa ka mahlakore a fapaneng a molamu. [9]
- ↑ https://www.academia.edu/70031839/Female_initiation_becoming_a_woman_among_the_Basotho
- ↑ https://www.cogta.gov.za/cgta_2016/wp-content/uploads/2016/06/DTA-GG-38814-INITIATION-POLICY-FOR-COMMENTS.pdf
- ↑ 3.0 3.1 S du Ploy. Female initiation: Becoming a woman among the Basotho. Masters Dissertation. University of Free State. May 2006.
- ↑ Betty J. Harris (1990) Ethnicity and Gender in the Global Periphery: A Comparison of Basotho and Navajo Women. American Indian Culture and Research Journal: 1990, Vol. 14, No. 4, pp. 15-38.
- ↑ http://www.cogta.gov.za/cgta_2016/wp-content/uploads/2016/06/DTA-GG-38814-INITIATION-POLICY-FOR-COMMENTS.pdf
- ↑ Cult Health Sex. 2017 May; 19(5): 616–629.Published online 2016 Dec 6. doi: 10.1080/13691058.2016.1257739 Accessed 9 April 2018
- ↑ Guillermo Martínez Pérez, Mwenya Mubanga, Concepción Tomás Aznar, Brigitte Bagnol. (2015) Zambian Women in South Africa: Insights Into Health Experiences of Labia Elongation. The Journal of Sex Research 52:8, pages 857-867.Accessed 9 April 2018
- ↑ Khau, Mathabo. (2012). Female sexual pleasure and autonomy: What has inner labia elongation got to do with it?. Sexualities. 15. 763-777. 10.1177/1363460712454068.Accessed 9 April 2018
- ↑ Legassic, M 1969. The Sotho-Tswana people before 1800. In Thompson, L. (ed) African Societies in Southern africa. London: Heinemann.