Ente ya Bacillus Calmette-Guérin (BCG) ke ente e sebediswang haholoholo kgahlanong le lefuba.[1] Dinaheng tseo lefuba le atileng, ho kgothaletswa tekanyo e le nngwe ho masea a phetseng hantle haufi le nako ya tswalo kamoo ho ka kgonehang.[1] Masea a nang le HIV/AIDS ha a lokela ho entwa.[2] Dibakeng tseo lefuba le sa atang bana ba kotsing e kgolo ke bona feela bao ka tlwaelo ba entwang moo ho nang le pelaelo ya ba kileng ba etsa diteko tsa lefuba le ho fumana phekolo. Batho ba baholo ba senang lefuba mme ba e so entwe nakong e fetileng empa hangata ba le monyetleng wa ho tshwaetswa ke lefuba le hanang meriana le bona ba ka entwa.[1]

Sekgahla sa ho itshireletsa se fapana haholo mme e ka ba pakeng tsa dilemo tse leshome ho isa ho tse mashome a mabedi.[1] Baneng e ka etsa hore 20% e se ke ya fumana tshwaetso mme ho ba tshwaetswang e ka sireletsa halofo hore e se ke ya qetella e kula.[3] Ente e fanwa ka hore motho a entwe letlalong.[1] Diente tse eketsehileng ha di tshehetswe ke dipatlisiso.[1] E ka boetse ya sebedisetswa ho phekola mefuta e meng ya kankere ya senya.[4]

Ditlamorao tse kotsi ha di ngata. Hangata e ba bofubedu, ho ruruha, le bohloko bo seng bokae pela moo nale e neng e kene teng. Seso se senyenyane se ka nna sa hlaha mme sa siya lebadi ka mora hore se fole. Ditlamorao di tlwaelehile haholo mme di ka ba matla ho batho ba nang le sesole se fokolang sa mmele. Ha ho a bolokeha ho e sebedisa nakong ya boimana. Ente ena qalong e ne e entswe ka Mycobacterium bovis eo hangata e fumanehang dikgomong. Le hoja e fokoditswe matla empa e ntse e le teng.[1]

Ente ya BCG e qadile ho sebediswa ka lekgetlo la pele ho tsa meriana ka 1921.[1] E Lethathamong la Meriana ya Bohlokwa la Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo, mme ke moriana wa bohlokwa wa mantlha tsamaisong ya tsa bophelo.[5] Ha o rekwa dibakeng tse rekisang dintho ka bongata, o ja 0.16 USD tekanyo ka nngwe ho tloha ka 2014.[6] United States teng o ja 100 ho isa ho 200 USD.[7] Selemo le selemo ente ena e fuwa bana ba ka bang dimilione tse 100.[1]Template:Drugbox

  1. 1.0 1.1 1.2 1.3 1.4 1.5 1.6 1.7 1.8 "BCG Vaccine: WHO position paper" (PDF). Weekly epidemiological record. 4 (79): 25-40. Jan 23, 2014.
  2. "Revised BCG vaccination guidelines for infants at risk for HIV infection" (PDF). Wkly Epidemiol Rec. 82 (21): 193-196. May 25, 2007. PMID 17526121.
  3. Roy, A; Eisenhut, M; Harris, RJ; Rodrigues, LC; Sridhar, S; Habermann, S; Snell, L; Mangtani, P; Adetifa, I; Lalvani, A; Abubakar, I (5 August 2014). "Effect of BCG vaccination against Mycobacterium tuberculosis infection in children: systematic review and meta-analysis". BMJ (Clinical research ed.). 349: g4643. PMID 25097193.
  4. Houghton, BB; Chalasani, V; Hayne, D; Grimison, P; Brown, CS; Patel, MI; Davis, ID; Stockler, MR (May 2013). "Intravesical chemotherapy plus bacille Calmette-Guérin in non-muscle invasive bladder cancer: a systematic review with meta-analysis". BJU International. 111 (6): 977–83. PMID 23253618.
  5. "WHO Model List of EssentialMedicines" (PDF). World Health Organization. October 2013. Retrieved 22 April 2014.
  6. "Vaccine, Bcg". International Drug Price Indicator Guide. Retrieved 6 December 2015.
  7. Hamilton, Richart (2015). Tarascon Pocket Pharmacopoeia 2015 Deluxe Lab-Coat Edition. Jones & Bartlett Learning. p. 312. ISBN 9781284057560.